Posts

Showing posts from June, 2022

Lehakoe La Bahale

Image
  Thope sekhahlametsa leseli, lehakoe la Bahale Bo Taoana, sets'oana se mathe monate, Lerato la pelo eaka, bonya ka botle moroetsana chaba li o bone, ikonke thope balisana ba fulise makhulo, bonya lefats'e le reketle ke ho makalla botle ba hao, Sheba bochabela letsatsi ba lireng ba sitoe ho hlasela, lehakoe la bahale ha u bososela bofuma bo fella fatse, kharuma Ka bohale ba botle ba hao oena lehakoe la bahale, ke felloa ke mantsoe a ho u boka oena ngoetsi ea nkhono kholu, hoja mantsoe e ne e le phoofo, le sabu-sabu e ne e tla sitoa ho lekana boleng ba hao moroetsana.  By Smith Khethisa