Lehakoe La Bahale
Thope sekhahlametsa leseli, lehakoe la Bahale Bo Taoana, sets'oana se mathe monate, Lerato la pelo eaka, bonya ka botle moroetsana chaba li o bone, ikonke thope balisana ba fulise makhulo, bonya lefats'e le reketle ke ho makalla botle ba hao, Sheba bochabela letsatsi ba lireng ba sitoe ho hlasela, lehakoe la bahale ha u bososela bofuma bo fella fatse, kharuma Ka bohale ba botle ba hao oena lehakoe la bahale, ke felloa ke mantsoe a ho u boka oena ngoetsi ea nkhono kholu, hoja mantsoe e ne e le phoofo, le sabu-sabu e ne e tla sitoa ho lekana boleng ba hao moroetsana. By Smith Khethisa